Ke moo o tlang ho bitsa, mme Jehova o tla araba; o tla howeletsa ho yena, mme o tla re: Ke nna enwa. Ha o fela o lesa ho jarisa motho boima, ho supa ka monwana, le ho etselletsa;
Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le kwalla batho mmuso wa mahodimo; athe lona, ha le kene teng, mme ba ratang ho kena ha le ba dumelle ho kena.
Hobane ke sefe setjhaba se seholo seo medimo ya sona e leng haufi le sona, jwalokaha Jehova, Modimo wa rona, a le haufi le rona kamehla ha re mo bitsa?