Empa ha e le diphoofolo tsohle tsa lefatshe, le tse rurang tsohle tsa mahodimo, le dihahabi tsohle tsa lefatshe, tse utlwang ke di neile jwang bohle bo botala, e be dijo tsa tsona. Mme ha eba jwalo.
Se tshabeng, lona diphoofolo tsa naha, hobane makgulo a nahathothe a se a tla ba matala; sefate se tla beha ditholwana tsa sona, feiye le morara di hlahise monono wa tsona.
Tadimang dinonyana tsa lehodimo; hobane ha di jale, ha di kotule, ha di bokelle medikong; empa Ntata lona ya mahodimong o a di fepa. Ha ke re, lona le di fetisa haholo na?