14 Jehova o kokotledisa bohle ba kgothometsehang, o emisa ba inamisitsweng.
14 Morena o tshehetsa bohle ba wang, o phahamisa bohle ba kgokgopaneng.
O nkotle, ke tle ke bolokehe, dikomelo tsa hao di be pela mahlo a ka kamehla!
Jehova o tutubolla mahlo a difofu; Jehova o emisa ba inamisitsweng; Jehova o rata ba lokileng.
leha a ka wa, ha a welle ruri, hobane Jehova o mo nenesa ka letsoho.
Ke kobame, ke manahane hampe; ke ntse ke tsamaya ka bofifi tsatsi lohle;
Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka; sefahleho sa wona ke poloko.
Eitse ha ke ne ke re: Leoto la ka le a thella, mohau wa hao, Jehova, o tlile ho ntshehetsa.