Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 145:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Mmuso wa hao ke mmuso wa kamehla yohle, mme borena ba hao bo hlola ho isa melokong e sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Mmuso wa hao ke mmuso wa kamehla yohle, le puso ya hao ke ya meloko yohle. Morena o tshepahala dipolelong tsohle tsa hae, o mohau mesebetsing yohle ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 145:13
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova ke Morena wa kamehla, ya sa feleng. Baditjhaba ba fediswa lefatsheng la hae.


Jehova o rena ka ho sa yeng kae. Modimo wa hao, Sione, o ntse o le teng melokong yohle. Bokang Jehova!


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Wena, Jehova, o busa ka ho sa feleng, terone ya hao e teng kamehla le mehla.


Empa mehleng ya marena ao, Modimo wa lehodimo o tla hloma mmuso o ke keng wa senyeha ka ho sa yeng kae, mme borena ba wona bo ke ke ba fetela ho setjhaba se seng; o tla robaka o fedise mebuso eo kaofela, empa wona o tla ba teng ka ho sa feleng;


Polelo ha e sa le molomong wa morena, lentswe la theoha lehodimong, la re: Morena Nebukadnesare, o tsebiswa hore borena bo ya tloswa ho wena;


O a namolela, o a pholosa, o hlahisa dipontsho le mehlolo lehodimong le lefatsheng, o bile o namoletse Daniele marong a ditau.


a newa mmuso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta yohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba dipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, o ke keng wa feta, borena ba hae bo ke ke ba fediswa.


Borena, le puso, le matla a mebuso yohle e katlasa mahodimo kaofela, di tla newa setjhaba sa bahalaledi ba Mookamedi ya phahameng; mmuso wa hae ke mmuso o sa feleng, marena kaofela a tla mo sebeletsa, a mo utlwe.


Ho Morena ya se nang ho fela, ya sa shweng, ya sa bonweng, ho Modimo o bohlale o nnotshi, e be letlotlo le kganya ka ho sa feleng! Amen!


Hape, ke ka mokgwa oo le tla fuwa sebaka se seholo sa ho kena mmusong o sa feleng wa Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ