Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 145:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Jehova, mesebetsi ya hao kaofela e tla o rorisa, bakgethwa ba hao ba o boke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Morena, mesebetsi yohle ya hao e a o leboha, le batshepuwa ba hao ba a o boka;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 145:10
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bokang Jehova, lona mesebetsi ya hae kaofela, nqalong tsohle tsa borena ba hae! Moya wa ka, o boke Jehova!


Jehova, mesebetsi ya hao e mengata hakakang! O e entse kaofela ka bohlale; lefatshe le tletse matlotlo a hao.


Bakgethwa ba hae a ba ke ba ithabelle kganya, a ba ke ba tshele ditlatse tsa nyakallo malaong a bona.


Mahodimo a bolela kganya ya modimo, mme sebaka sa lehodimo se bonahatsa mosebetsi wa diatla tsa wona.


Lona ba tshabang Jehova, le mo roke; lona kaofela moloko wa Jakobo, le mo rorise; le thothomele pela hae, lona kaofela moloko wa Iseraele!


Binelang Jehova, lona bakgethwa ba hae, le rorise lebitso la hae le halalelang.


Hobane kgalefo ya hae ke ya motsotso feela, empa mohau wa hae o tshwere bophelo bohle ba motho; leha dillo di ka fapohela ho rona bosiu, hosasa e se e le nyakallo.


Ithabiseng ka Jehova, le nyakalle ho yena, lona ba lokileng; mme le bine, lona bohle ba pelo tse lokileng!


Morena, ke tla o rorisa hara batho, ke o roke hara ditjhaba;


Ba re: Rorisang Modimo diphuthehong; le rorise Morena, lona ba tswang lesikeng la Iseraele!


Hobane Modimo o tla boloka Sione, o tsose metse ya Juda; ba tla aha ho yona, e boele e be leruo la bona;


Lona ba lokileng, etsang thabo ya lona ka Jehova, mme le roke lebitso la hae le halalelang!


Mahodimo, nyakallang ka difela, hobane Jehova o sebeditse; le lona matebo a lefatshe hlabang ditlatse. Dithaba a di ke di dume ka mehoo ya thabo, le meru le difate tsa yona, hobane Jehova o lopolotse Jakobo, mme o bonahaditse kganya ya hae Iseraeleng.


Ka baka leo, a re hlahiseng kamehla ho Modimo ka yena sehlabelo sa poko, e leng tholwana ya melomo e bolelang lebitso la hae.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ