Athe re fela re tshwanetse ho shwa, re jwaloka metsi a tsholohetseng fatshe, a ke keng a boela a bokellwa; wona Modimo ha o amohe motho bophelo ba hae, athe o ye o hopole mokgwa wa hore ya lelekilweng a se ke a lahlelwa ruri pela wona.
Ha o laya motho ka ditlokotsi bakeng sa molato wa hae, o senya botle ba hae, jwaloka hoja e le ntho e jewang ke tshwele; ruri, motho ka mong ke mofehelo feela. (Sela.)
Molotsana yena ho ke ke ha dula hantle le yena, mme a ke ke a atelwa ke matsatsi. O tla feta jwaloka leswiti, hobane ha a ka a tshaba ho etsa hampe pela sefahleho sa Modimo.