Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 144:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ho bokwe Jehova, lefika la ka, ya rutang matsoho a ka ntwa, le menwana ya ka hlabano;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pesalema ya Davida. Ho bokwe Morena, lefika la ka, yena ya nthutang ho lwana, yena ya nkwetlisetsang ntwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 144:1
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ruta matsoho a ka ntwa, mme matsoho a ka a tjheba seqha sa koporo.


Yaba o re ho morena wa Iseraele: Koba seqha. A se koba. Elisha a ntoo bea matsoho a hae hodima matsoho a morena,


wena Jehova, lefika la ka, qhobosheane ya ka, monamoledi wa ka, Modimo wa ka, lefika la ka leo ke tshabelang ho lona, thebe ya ka, lenaka la poloko ya ka, le qhobosheane e phahameng ya ka!


Ke howeletsa, ke re: Jehova a ke a bokwe! mme ke namolelwa ho dira tsa ka.


Ke mang e leng Modimo, haese Jehova? Lefika ke mang, haese Modimo wa rona?


O ruta matsoho a ka ntwa, mme matsoho a ka a tjheba seqha sa koporo.


O nneile thebe ya poloko ya hao, letsoho la hao le letona le ntse le ntiisa, mme lereko la hao le nkgodisitse.


Ka Modimo re tla hlola, ke wona o tla hatakela dira tsa rona.


O be ho nna lefika leo ke fumanang kaho ho lona, ke tle ke ipalehelle teng kamehla. O laetse hore ke bolokehe, hobane o lefika la ka le qhobosheane ya ka.


Tloong, re phahamisetseng dipina tsa rona ho Jehova, le mehoo ya rona ya nyakallo ho lefika la poloko ya rona!


Le tshepe Jehova kamehla yohle, hobane Jehova, Jehova, ke lefika la kamehla yohle.


Ho tla thwe: Ruri, ho loka le matla di tswa ho Jehova a nnotshi; bohle ba mo halefetseng ba tla tla ho yena, ba tle ba hlabiswe dihlong.


hobane dibetsa tsa ntwa ya rona hase tsa nama, empa di le matla ka Modimo ho diha diqhobosheane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ