4 Moya wa ka o tepeletse ka ho nna, pelo ya ka e ferekane kahare ho nna.
4 Moya wa ka o imetswe, pelo ya ka e thethefetse, e thethefetse ka sefubeng sa ka.
Le mpa le le ba ka akgelang letlowa hodima kgutsana, le ho rekisa ka motswalle wa lona.
Jehova, mamela thapelo ya ka, modumaelo wa ka o ke o fihle pela hao!
mehleng eo, metsi a ka be a re kgurumeditse, mme diphororo di ka be di fetile hodima meya ya rona.
Yare ha moya wa ka o tepella ka ho nna, o tseba tsela ya ka. Ba ntjhehela mamena tseleng eo ke tsamayang ho yona.
Tadima ka ho le letona, mme o ele hloko; ha ke na motho ya ntsebang, ha ho moo nka balehelang teng, ha ho motho ya ntlhokomelang.
Jehova, o retelehele ho nna, o nkgauhele, hobane ke nnotshi, ke madimabe!
Tshabo le thothomelo di nkeneletse, tshoho e nkimetse.
Ke howeletsa ho wena ka pelo e tepeletseng, ke le pheletsong ya lefatshe. O nnyolosetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa!
Ke hopola Modimo, ke sisa pelo; ke a nahana, mme moya wa ka o a tsieleha. (Sela.)
Bosiu ke elellwa dipina tsa ka, ke losa pelong ya ka, mme moya wa ka o a nahana.
Eitse ha a le matswalong a maholo, a eketsa ho rapela ka matla; mme dikgororo tsa hae tsa eba jwaloka marothodi a madi a rothelang fatshe.