Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 143:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova, utlwa thapelo ya ka; o sekehele thapedisiso ya ka tsebe. Nkarabe ka baka la botshepehi ba hao le la ho loka ha hao,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pesalema ya Davida. Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe; o nkarabe ka baka la botshepehi ba hao, le ka baka la ho loka ha hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 143:1
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, Jehova Modimo, lentswe leo o le boletseng bakeng sa mohlanka wa hao le bakeng sa ntlo ya hae, o nne o le tiise ka ho sa feleng, mme o etse kamoo o boletseng kateng.


Ke ntse ke re ho Jehova: O Modimo wa ka. Jehova, o sekehele lentswe la dithapedisiso tsa ka tsebe!


Jehova, mamela ho loka; o sekehele mehoweletso ya ka tsebe; o utlwe ha ke rapela ka molomo o se nang thetso!


Jehova, ke balehela ho wena; ke se ke ka swabiswa le ka mohla o le mong! O mpholose ka ho loka ha hao! O sekehele tsebe tsa hao ho nna!


O mpoloke ka ho loka ha hao, ke tle ke phonyohe; o sekehele tsebe ya hao ho nna, o nthuse.


Oho Morena, ka ho loka ha hao hohle, ako kgelose bohale ba hao le kgalefo ya hao motseng wa hao, Jerusalema, e leng thaba ya hao e kgethehileng! Hobane ke ka baka la dibe tsa rona le la makgopo a bontata rona Jerusalema le setjhaba sa hao di entsweng sekgobo ho bohle ba re kopileng.


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o a tshepeha, o lokile, hore o re tshwarele dibe, mme o re hlatswe bokgopo bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ