Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 142:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yare ha moya wa ka o tepella ka ho nna, o tseba tsela ya ka. Ba ntjhehela mamena tseleng eo ke tsamayang ho yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ke hlahisa sello sa ka, ke se hlahisa kapele ho yena, ke bea tsietsi ya ka kapele ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 142:3
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta.


Hobane Jehova o tseba tsela ya ba lokileng, empa tsela ya bakgopo e fella tshenyehong.


Jehova, mamela thapelo ya ka, modumaelo wa ka o ke o fihle pela hao!


pelo ya ka e tjhele, e omeletse jwaloka jwang; ke lebala le ho ja bohobe ba ka.


Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)


O ntwele mameneng ao ba njthekelang wona, le marabeng a ba bolotsana.


Moya wa ka o tepeletse ka ho nna, pelo ya ka e ferekane kahare ho nna.


O lekola pelo ya ka, o e batlisisa le ka bosiu; o ntekile, mme ha o ka wa fihlela bobe ho nna; bokgopo ha bo yo molomong wa ka.


Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;


o tla nkgula lerabeng leo ba ntjhehileng ka lona sephiring tlasa maoto a ka, hobane o tshireletso ya ka!


Ba lalla, ba nanara, ba hlwela mehato ya ka, hobane ba lebeletse sebaka sa ho tlosa bophelo ba ka.


Ke howeletsa ho wena ka pelo e tepeletseng, ke le pheletsong ya lefatshe. O nnyolosetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa!


Bana ba batho ke lefeelafeela, le bara ba batho ke leshano feela; ha le ka ba bea sekaleng, ba ka phahama feela; kaofela hammoho ke lefeela.


Ke hopola Modimo, ke sisa pelo; ke a nahana, mme moya wa ka o a tsieleha. (Sela.)


Pokollo e ke e utlwahale matlung a bona, mohla o tlisang sera ka sehloho ho ba lwantsha; hobane ba tjhekile lemena ho ntshwasa, ba tjhehile maoto a ka ka leraba.


Tsoha, o dumadume ka bosiu, qalong ya tebelo; o tsholle pelo ya hao jwaloka metsi pela sefahleho sa Morena! Emisetsa diatla tsa hao ho yena, bakeng sa bophelo ba bana ba banyenyane ba hao ba shwang ke tlala koung tsa mapatlelo wohle.


Yaba bafarisi ba tloha, ba ya rera hammoho kamoo ba ka mo tshwasang ka dipolelo tsa hae kateng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ