Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng.
Hape, le wona Moya o re tlatsa mefokolong ya rona; hobane ha re tsebe seo re tshwanetseng ho se kopa ka tshwanelo; empa Moya wona o re rapella ka mefehelo e ke keng ya bolelwa.
Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,