Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 141:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O se ke wa leseletsa pelo ya ka ho sekamela bobe, ke se ke ka etsa tse mpe ka lonya le ba sebetsang bokgopo, ke se ke ka latswa menate ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 pelo ya ka e se ke ya sekama, ya sekamela dinthong tse mpe. Ke se ke ka etsa mesebetsi ya bokgopo mokgatlong wa batho ba sa lokang; ke se ke ka latswa menate ya bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 141:4
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o a ya, a di nka, a di tlisa ho mmae, mme mmae a apeha nama e hlabosang, kamoo ntatae a e ratang kateng.


Monna wa Modimo a re ho morena: Leha o ka nkarolela ntlo ya hao ka lehare, nke ke ka ya le wena, leha e le ho ja bohobe le ho nwa metsi bakeng sena.


Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya ke be moya wa leshano melomong ya baporofeta bohle ba hae. A re: O tla mo thetsa, o hlole; tsamaya, o etse jwalo.


hore a lebisetse pelo tsa rona ho yena, re tsamaye ka tsela tsa hae tsohle, mme re boloke ditaelo tsa hae, le melao ya hae le dikahlolo tsa hae, tseo a di laetseng bontata rona.


Nthute ho sekehela dikeletso tsa hao pelo, e seng leratong la ho rua.


O se ke wa ntlosa hammoho le ba babe le ba etsang bokgopo, ba bolelang kgotso ho ba habo, athe bolotsana bo ka dipelong tsa bona.


Oho Jehova, o re kgelosetsang ditsela tsa hao, o thatafaletsang dipelo tsa rona, re ke re lese ho o tshaba? Rekoloha ka baka la bahlanka ba hao, e leng meloko ya lefa la hao!


Ba biletsa setjhaba mahlabelong a medimo ya bona; setjhaba sa eja, mme sa kgumamela medimo ya bona.


o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe; [hobane mmuso ke wa hao, le matla, le kganya ka ho se feleng. Amen!]


Empa leha le eja, leha le enwa, leha le etsa ntho efe le efe, etsang tsohle ho tlotlisa Modimo ka tsona.


Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


Empa Sihone, morena wa Heshbone, a hana ho re nea sebaka sa ho feta ha hae; hobane Jehova, Modimo wa hao, o ne a thatafaditse moya wa hae, a sataladitse le pelo ya hae, hore a mo neele matsohong a hao, jwalokaha ho le jwalo kajeno.


Empa ho fihlela letsatsi la kajeno, Jehova ha a ka a le nea pelo tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.


Motho ha a lekwa, a se ke a re: Ke lekwa ke Modimo. Hobane Modimo ha o lekwe ke bobe, mme ha o leke motho ka jona.


Yaba ke utlwa lentswe le leng le tswang lehodimong, le re: Tlohang ho yena, lona setjhaba sa ka, le se tshohe le kenella dibe tsa hae, mme la welwa ke dikotsi tsa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ