3 Jehova, bea selebedi pela molomo wa ka, o lebele monyako wa melomo ya ka!
3 Morena, ako bee molebedi, o mmee molomong wa ka, o dise monyako wa molomo wa ka;
tshabisa leleme la hao bolotsana, o phemise melomo ya hao dipolelo tsa ho thetsa;
Ke ne ke itse: Ke tla fadimehela ditsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong wa ka, ha e mobe a sa ntse a le pela ka.
Ke ne ke le semumu, ke ikgutseditse, ka itima ho bua, leha e le tsa botle; empa bohloko ba ka ba eketseha;
Molomo wa ka o tletse dithoko tsa hao, ke ntse ke o rorisa ka matsatsi wohle!
Se tshepeng molekane, se ithetseng ka motswalle; lebela menyako ya molomo wa hao pela ya robetseng sefubeng sa hao;
Ekare ha e mong hara lona a lekanya hoba o na le borapedi, mme a sa tlame leleme la hae, a mpa a ithetsa pelo, borapedi ba motho eo ke ba lefeela.
Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.