Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 141:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova, ke bitsa ho wena, o phakise ho tla nthusa! o sekehele lentswe la ka tsebe, ha ke bitsa ho wena!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pesalema ya Davida. Morena, ke ipiletsa ho wena, ako mpotlakele; sekehela lentswe la ka tsebe, ha ke ipiletsa ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 141:1
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o ntshwarele tshito ya ka keng, wa tlosa bokgopo ba ka na? Hobane ke se ke ya robala leroleng; o tla mpatla, mme ke tla ba siyo.


Jehova, utlwa thapelo ya ka; o sekehele thapedisiso ya ka tsebe. Nkarabe ka baka la botshepehi ba hao le la ho loka ha hao,


Jehova, phakisa o nkarabe; moya wa ka o a tepella. O se ke wa mpatela sefahleho sa hao, ke tle ke se ke ka tshwana le batho ba theohelang lebitleng.


Empa, wena, Jehova, o se ke wa suthela hole le nna! Wena, o leng matla a ka, o phakise ho nthusa!


Utlwa lentswe la dithapedisiso tsa ka ha ke howeletsa ho wena, leha ke otlollela sehalalelo sa hao matsoho a ka!


Oho Jehova, o ke o mpoloke; Jehova, phakisa ho tla nthusa.


A ba ke ba apeswe ke dihlong, le ke maswabi, bona ba batlang bophelo ba ka! a ba ke ba suthe kasanthao ba tsielehile, bona bohle ba ratang tshenyeho ya ka!


Haele nna, ke mofumanehi le mosenyehi; Modimo, o mphakisetse! O thuso ya ka le mopholosi wa ka! Jehova, o se ke wa dieha!


Oho Modimo, o se be hole le nna! Modimo wa ka, o phakise ho tla nthusa!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ