Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 140:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Baikakasi ba mpatetse mamena le maraba, ba tjheha difi mosikong wa tsela, ba ntjhehetse mamena. (Sela.)

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Morena, ako nnamolele, o nnamolele diatleng tsa ba babe, o ntshireletse ho batho ba sehloho, ba rerang hore ke kgothometsehe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 140:5
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

sefi se mo tshwasitse serethe; letlowa le mo tlamile;


Ba babe ba ntjhekela mamena, empa ha ke kgelohe ditemoso tsa hao.


Baikakasi ba nketselletsa ka leshano; empa nna, ke boloka ditemoso tsa hao ka pelo ya ka yohle.


Baikgohomosi ba ntjhekela mamena, e leng ba sa yeng ka molao wa hao.


Yare ha moya wa ka o tepella ka ho nna, o tseba tsela ya ka. Ba ntjhehela mamena tseleng eo ke tsamayang ho yona.


o tla nkgula lerabeng leo ba ntjhehileng ka lona sephiring tlasa maoto a ka, hobane o tshireletso ya ka!


Hobane leha ho bo ho se molato, ba tjhekile lemena pela maoto a ka, ba tjheketse bophelo ba ka feela.


Leoto la boikgohomoso le se ke la nkgatakela, letsoho la ba babe le se ke la mpalehisa!


Oho Modimo, o nkahlolele, o nkemele ho setjhaba se se nang mohau! O mpoloke ho motho ya leshano, ya kgopo.


Ba ne ba tjhehile leraba tlasa maoto a ka; moya wa ka o ne o kobehile. Ba ne ba tjhekile lemena pela ka, ho wetse bona ho lona. (Sela.)


Moetsadibe, o se ke wa tjhekela ntlo ya ya lokileng mamena, o se ke wa senya moo a phomolang teng.


Motho ya qekisang wa habo o tjheha sefi maotong a hae.


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Na ho ka buswa bobe bakeng sa botle, haele mona ba tjheketse bophelo ba ka lemena na? Hopola hobane ke ne ke ntse ke eme pela hao ho ba buella, hore ke kgelose kgalefo ya hao ho bona.


Pokollo e ke e utlwahale matlung a bona, mohla o tlisang sera ka sehloho ho ba lwantsha; hobane ba tjhekile lemena ho ntshwasa, ba tjhehile maoto a ka ka leraba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ