Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 140:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mashala a hlenneng a ke a hlohlorehele hodima bona! Ba ke ba dihelwe malakabeng le mohomeng, ba tle ba se ke ba boela ba tsoha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ba ntikanetseng ba se tsohe molota, ditshokelo tsa bona di ke di ba wele hodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 140:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomora sebabole le mollo o tswang ho Jehova mahodimong.


O nesetsa bakgopo mashala le mollo le sebabole; moya o tjhesang ke sona senwelo seo ba se abetsweng.


O tla putswa ka metsu e ntjhotjho ya mohale, le ka mashala a hlenneng a sehalahala.


O tla ba etsa ba be jwaloka sebopi se tukileng, tsatsing leo o hlahang ka lona; Jehova o tla ba fedisa ka kgalefo ya hae, mme ba tla tjheswa ke mollo;


Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.


Batho bohle ba tla tshwarwa ke tshabo, ba bolele mosebetsi wa Modimo, ba lemohe diketso tsa wona.


Ke tla rorisa Jehova ka baka la ho loka ha hae, ke binele lebitso la Jehova, la Mookamedi ya phahameng.


Ya tjhatjhehisang ba lokileng ho ba kgelosetsa tseleng e mpe, e tla ba yena ya welang lemeneng leo a le tjhekileng; ba lokileng bona ba tla ja lefa la lehlohonolo.


Motho ya imetsweng ke madi a motho e mong o ya nne a balehe ho isa lebitleng; le se ke la mo tshwara.


mme a ba lahlele seboping sa mollo, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


mme a tla ba lahlela seboping sa mollo; ke moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Mme e mong le e mong ya sa kang a fumanwa a ngodilwe bukeng ya bophelo, a akgelwa letsheng la mollo.


Empa ha e le ba boi, le ba sa dumelang, le ba manyala, le babolai, le bafebi, le baloi, le ba rapelang medimo, le mahata kaofela, kabelo ya bona e ka letsheng le tukileng hampe la mollo le sebabole: hona ke lefu la bobedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ