5 O ntika kapele le kamorao, letsoho la hao le dutse ho nna.
5 O ntlhahile kamahohle, o beile letsoho la hao hodima ka.
Ha ho monamodi hara rona, ya ka re namolelang ka letsoho la hae.
Lengeloi la Jehova le lara pela ba mo tshabang, le a ba boloka.
Ha o a ka wa isa letsoho hodima ba kgethilweng ba bana ba Iseraele; ba bona Modimo, mme ba eja, ba enwa.
Modimo wa kamehla ke setshabelo sa hao, mme matsoho a sa feleng a katlasa hao. O lelekisa dira pela hao, o re: Di fediswe!
Eitse ha ke mmona, ka wela maotong a hae, yaka ke shwele. A bea letsoho la hae le letona hodima ka, a re ho nna: Se tshabe; ke nna wa pele le wa morao, mme ke a phela.