Ke haele mang ya ka fifatsang merero ya hao ka dipolelo tse se nang kelello? Ke fela ke buile, ke se na kutlwisiso, ke boletse mehlolo e mphetang, eo ke sa e utlwisiseng.
Hobane ba entse manyala hara Iseraele, ba febile le basadi ba banababo bona, ba hlile ba bolela mantswe a leshano ka lebitso la ka, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona. Ke mpa ke tseba hoo, mme ke paki, ho bolela Jehova.
Nakong eo, ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ke kgalemele banna bao ba hwamileng hodima ditshifa tsa bona, ba reng pelong tsa bona: Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.