O nyedisitse mang, mme o nyefotse mang? O phahamiseditse mang lentswe la hao? O emiseditse mang mahlo a hao hodimo? O nyedisitse Mohalaledi wa Iseraele!
Bonang, Morena o tlile le bahalaledi ba hae ba diketekete ho etsa kahlolo hodima bohle, le ho kgalemela banyefodi bohle ka baka la diketso tsohle tsa bonyefodi, tseo ba sitilweng ka tsona, le la dipolelo tsohle tse thata, tseo baetsadibe bao ba banyefodi ba di buileng hodima hae.