E mong wa bahlanka ba hae, a re: Oho, morena, monga ka, ha o yo; ke Elisha, moporofeta ya Iseraeleng, ya isang ho morena wa Iseraele le mantswe a buwang ke wena kamoreng ya hao ya ho robala.
Yaba moya wa Jehova o nkwela hodimo, wa re ho nna: Ere: Jehova o re: Le itsalo, lona ntlo ya Iseraele; leha e le se hlahang kelellong tsa lona, ke a se tseba.
Morena Jehova o re: Na hase wena eo nkileng ka bolela tsa hao, mehleng ya boholoholo, ka bahlanka ba ka, baporofeta ba Iseraele, ba porofetileng mehleng eo ka dilemo tse ngata, ba itse, ke tla o tlisa hore o ba lwantshe?
Hobane ke mang ya ka nyedisang letsatsi la taba tse nyenyane? A ile a thaba ha a bona loto ya ho lekanya e letsohong la Sorobabele, mahlo ao a supileng, e leng mahlo a Jehova, a ntseng a qamaka lefatshe lohle.
Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.
Etlare ha ba hlahelwa ke mahloko le mahlomola a mangata, sefela sena se tla ba qosa, jwaloka paki, hobane se ke ke sa lebalwa ke melomo ya ditloholo tsa bona; etswe ke tseba merero ya dipelo tsa bona, eo ba e etsang kweno, ha ke eso ho ba kenye lefatsheng leo ke anneng hore ke tla ba nea lona.