Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 139:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Oho Modimo, o ke o bolaye e mobe. Lona, batho ba madi, suthelang hole le nna:

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Oho, Modimo, hoja wa timetsa ba kgopo, hoja ba tshollang madi ba suthela hole le nna!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 139:19
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Suthelang hole le nna, lona ba bolotsana, ke tle ke boloke ditaelo tsa Modimo wa ka!


o fedisa ba bolelang leshano. Haele batho ba madi le ba thetso, ke manyala ho Jehova.


Hobane wena, Modimo, o tla ba dihela tlasetlase sehokong; batho bao ba madi, ba tletseng mano, ba ke ke ba phela ho fihlela lehare la matsatsi a bona. Empa nna, ke beile tshepo ya ka ho wena.


Suthelang hole le nna, lona kaofela ba sebetsang bolotsana; hobane Jehova o utlwile lentswe la dillo tsa ka.


Empa Modimo o tla phosetsa ho bona ka metsu ya wona, ba hlajwe hang, ba dihuwe;


Bakgopo ba leba nqalong ya bafu, ho jwalo le ditjhaba kaofela tse lebetseng Modimo.


Hobane mofutsana a ke ke a lebalwa kamehla, mme tshepo ya ba madimabe e ke ke ya timela ka ho sa yena kae.


o tla busetsa ho bona moputso wa bokgopo ba bona, o ba fedise ka baka la bolotsana ba bona. Jehova, Modimo wa rona, o tla ba fedisa.


Empa o tla ahlola mafutsana ka ho loka, a bue taba tsa ba banyenyane ba lefatshe ka nnete; o tla otla lefatshe ka thupa ya molomo wa hae, a timetse molotsana ka moya wa melomo ya hae.


Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.


Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha ke a ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokgopo.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ