12 Efela ke wena o bopileng letheka la ka; o ntohile popelong ya mme.
12 empa ho wena lefifi hase lefifi, bosiu bo kganya jwaloka letsatsi, lefifi le jwaloka lesedi.
Nqalo ya bafu e feela pela wona; ho wona bodiba ha bo na tshirelo.
Ha ho lefifi, ha ho moriti o motsho, moo ba sebetsang bokgopo ba ka ipatang teng.
Ya tla dipakeng tsa ntwa ya Egepeta le tsa ntwa ya Iseraele, ya eba maru le lefifi ka nqe nngwe, ka nqe nngwe ya bonesa bosiu; ha ba ka ba atamelana ka bosiu bohle.
Setjhaba sa nna sa ema hole jwalo, Moshe yena a atamela pela leru le letenya moo Modimo o leng teng.
O bea tse tebileng le diphiri pepeneneng; o tsebisisa se lefifing, lesedi le ahile ho wona.
Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.