10 Ha nka re: A nke ke patwe ke lefifi, le teng bosiu bo tla ela pela ka.
10 le hona moo letsoho la hao le tla ntsamaisa, letsoho la hao le letona le tla ntshwara.
O hlabolla moya wa ka; o ntsamaisa mehlaleng ya ho loka, ka baka la lebitso la hae.
Moya wa ka o o kgomaretse, letsoho le letona la hao le a ntshehetsa.
Empa jwale ke ntse ke o kgomarela, o ntataisa ka letsoho la ka le letona.
Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, ya o tshwereng ka letsoho la hao le letona, ya reng ho wena: Se tshabe, ke nna ke o thusang.
Leha ba ka ipata qhoweng ya Karmele, teng ke tla batlisisa, ke be ke ba tshware; leha ba ka ipatela mahlo a ka bodibeng ba lewatle, teng ke tla laela noha, mme e tla ba loma;