Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 139:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova, o ntekile, mme o ntsebile,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Morena, o ntlhahlobile, o a ntseba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 139:1
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a ka boela a bolela dife ho wena? O tseba mohlanka wa hao, Morena Jehova!


o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, o tshwarele, o etse, o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho bohle;


Empa ke tseba ho dula ha hao, le ho tswa ha hao, le ho kena ha hao, le kamoo o nthorelang kateng.


Mme Davida a ka boela a bolela dife hodima kganya eo o e neang mohlanka wa hao?


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


O lekola pelo ya ka, o e batlisisa le ka bosiu; o ntekile, mme ha o ka wa fihlela bobe ho nna; bokgopo ha bo yo molomong wa ka.


na Modimo o ka be o sa ka wa tseba na? Athe o tseba makunutu a dipelo.


Empa nna Jehova, o a ntseba, o a mpona, o leka pelo ya ka hore na e reng ka wena? O ke o ba hulanye jwaloka dinku tse hlajwang, o ba kgethele tsatsi la polao!


A ba a re ho yena la boraro: Simone, mora Jona, a o a nthata na? Petrose a swaba ke hobane a bile a mmotsa la boraro, a re: A o a nthata na? A re ho yena: Morena, o tseba tsohle; o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dinku tsa ka.


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


Ngolla lengeloi la kereke ya Thiatire, o re: Ke tsena tse bolelwang ke Mora Modimo, eo mahlo a hae a leng jwaloka kgabo ya mollo, le maoto a hae a tshwanang le koporo e benyang:


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ