Hobane, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela, lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, le nqalong tsohle dibano di a tjheswa, mahlabelo a hlahisetswa lebitso la ka, e leng mahlabelo a hlwekileng; hobane lebitso la ka le leholo hara ditjhaba, ho bolela Jehova wa makgotla.
Jesu a bolela taba tseo, a ntoo lelaletsa mahlo a hae lehodimong, a re: Ntate, nako e tlile! Tlotlisa Mora wa hao, hore Mora wa hao a o tlotlise le yena;
Hobane Modimo o kileng wa re: Lesedi le hlahe lefifing, ke wona o bonesitseng dipelong tsa rona, ho hlahisa lesedi la tsebo ya kganya ya Modimo e bonahalang ho Jesu Kreste.
Kamora tseo, ka utlwa lehodimong ho kang lentswe la bongata bo boholo, le re: Alleluya! Poloko, le kganya, le hlompho, le matla, ke tsa Modimo wa rona;
Morena, o loketswe ke ho newa kganya, le hlompho, le matla; hobane o hlodile dintho kaofela, mme ke ka ho rata ha hao di leng teng, di bileng di bopilwe.