Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 138:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova, marena wohle a lefatshe a tla o rorisa, ha a utlwa mantswe a tswileng molomong wa hao,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Morena, dikgosi tsohle tsa lefatshe di tla o boka, ha di utlwa mantswe a tswang molomong wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 138:4
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke moo ditjhaba di tla hlonepha lebitso la Jehova, marena wohle a lefatshe a tshabe kganya ya hao.


mohla ho kopanang ditjhaba kaofela le yona mebuso, ho tla sebeletsa Jehova.


Ke tla bolela lebitso la hao ho banabeso, ke o rorise hara phutheho.


Dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla hopola Jehova, di sokolohele ho yena, mefuta yohle ya ditjhaba e tla kgumama pela hao;


Ebe moo ke rutang batlodi ditsela tsa hao, mme baetsadibe ba tla kgutlela ho wena.


Morena, ke tla o rorisa hara batho, ke o roke hara ditjhaba;


Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.


Marena kaofela a tla kgumama pela hae, ditjhaba tsohle di mo sebeletse.


Marena e tla ba bafepi ba hao, mafumahadi a wona e be baanyesi ba hao; ba tla itihela fatshe ka difahleho pela hao, ba nyeke lerole le maotong a hao; mme o tla tseba hobane ke nna Jehova, le hobane ba ntshepang ba ke ke ba swaba.


O tla anya lebese la ditjhaba, o anye matswele a marena, mme o tla tseba hobane nna Jehova ke Mmoloki le Molopolli wa hao, Ya matla wa Jakobo.


Jwale, lengeloi la bosupa la letsa terompeta ya lona; mme ha utlwahala mantswe a maholo a buang lehodimong, a re: Mebuso ya lefatshe e fetohile mmuso wa Morena wa rona le wa Kreste wa hae, mme o tla busa ka ho sa feleng.


Ditjhaba di tla tsamaya leseding la wona, mme marena a lefatshe a tla tiisa teng kganya le hlompho ya wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ