1 Ke tla o rorisa ka pelo ya ka yohle, ke o roke pela medimo;
1 Pesalema ya Davida. Morena, ke o boka ka pelo ya ka yohle, ke o roka pontsheng ya mangeloi.
Bokang Jehova! Ke rorisa Jehova ka pelo ya ka yohle, mokgatlong wa ba lokileng le phuthehong.
Ke tla bolela dikeletso tsa hao pela marena, mme nke ke ka ba le dihlong.
Morena, ke tla o rorisa hara batho, ke o roke hara ditjhaba;
Modimo o kene phuthehong ya medimo, o ahlola mahareng a medimo.
Ke itse: Le medimo, mme bohle le bara ba Mookamedi ya phahameng.
Ke tla o rorisa, Jehova, ka pelo ya ka yohle; ke tla bolela mehlolo ya hao kaofela.
Ke tla thaba, ke nyakallele wena. Ke tla binela lebitso la hao, Mookamedi ya phahameng!
Hobane Jehova ke Modimo o moholo, ke Morena e moholo ya fetang medimo yohle;
Hobane Jehova o moholo, o lokelwa ke ho roriswa ka ho fetisisa; o tshabeha ho fetisa medimo kaofela;
O se ke wa rohaka Modimo wa hao; hape, o se ke wa nyefola morena wa setjhaba sa heno.
Pauluse a re: Banabeso, ke ne ke sa tsebe hoba ke moprista e moholo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O se ke wa bua hampe ka morena wa setjhaba sa heno.
Nka etsa jwang na? Ke tla rapela ka moya, mme le hona ke tla rapela ka kelello; ke tla bina ka moya, mme le hona ke tla bina ka kelello.
Buisanang ka dipesalema, le ka difela, le ka dipina tsa moya, mme le binele Morena, le mo dudueletse ka dipelong tsa lona.
Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?