Hasaele a re: O llelang, monga ka? A re: Ke kahobane ke tseba tse mpe tseo o tla di etsetsa bana ba Iseraele; o tla tjhesa diqhobosheane tsa bona; bahlankana ba bona o tla ba harinya ka sabole, bana ba bona o ba batanye majweng, o petsole le basadi ba bona bao e leng baimana.
Ntwa e moferefere e tla hlahela setjhaba sa hao, diqhobosheane tsa hao di fediswe kaofela, jwalokaha Shalmane a fedisitse Bethe-Arbele mohla ntwa, ha bana ba pshatlanngwa hammoho le bomma bona.
Samaria o tla kgalemelwa, hobane o ikgantshitse ho Modimo wa hae. Ba tla bolawa ke lerumo, masea a bona a pshatlwe, basadi ba bona ba emereng ba petsolwe.
Leha ho le jwalo, le wona o o tlositswe, o ile kgolohong; bana ba wona ba ile ba tlapunngwa dikhutlong tsohle tsa diterata; ba kgabane ba wona ba loalwa ka lotho, le baholo ba wona kaofela ba bofshwa ka mahlaahlela.