Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 137:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 hobane, teng, ba neng ba re isitse kgolehong, ba ne ba kopa dipina ho rona, mme batubi ba rona ba ne ba re qela difela tsa thabo, ba re: A le ke le re bineleng difela tsa Sione!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ke moo ba neng ba re hapile ba ileng ba re kopa hore re ba binele; batubi ba rona ba re kopa dipina tsa thabo, ba re: “Re bineleng difela tsa Sione!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 137:3
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele Davida, o ne a apere kobo ya lene e ntle, le bona Balevi bohle ba jereng areka, le dibini, le Kenania, motsamaisi wa diletsa hara dibini; Davida o ne a apere efoda ya lene.


Ke tsatsing lona leo Davida a qadileng ho laela Asafe le banababo hore ba boke Jehova:


Yaba o bua pela banababo le pela bahlabani ba Samaria, a re: Bajuda bano ba fokolang ba etsa eng? Na ba haha qhobosheane na? Na ba tla hlaba mahlabelo na? Na ba tla phetha jwale na? Na ba tla phedisa majwe ka ho a ntsha diqubung tseno tsa marole, haele moo a tjhele?


Modimo, boimamelo le hlompho di teng pela hao, Sione! Dikano di phethelwa wena!


Oho Modimo, bahedene ba kene lefeng la hao, ba silafaditse tempele ya hao e halalelang, ba entse Jerusalema dithako.


O re entse ba tsekwang ke ba bapileng le rona, dira tsa rona di re entse sesomo.


ke tle ke tumise dithoko tsa hao kaofela dikgorong tsa moradi wa Sione, ke thabele poloko ya hao!


Ho hlobola kobo mohla ho hatsetseng, le ho tshela asene ka letobola, ke ho hlabela pelo e hlomohileng dipina tsa menyaka.


Ba lopolotsweng ke Jehova ba tla kgutla, ba boele Sione ka difela tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo di tla tla ho ba kgahlanyetsa, bohloko le masisapelo di balehe.


Balopollwa ba Jehova ba tla kgutla, ba tla Sione ka dipina tsa hlolo, ba rwetse thabo e sa feleng diphatleng, ba fihletse nyakallo le thabo, ho balehile bohloko le masisapelo.


Mikea wa Moreshethe o kile o porofeta mehleng ya Esekiase, morena wa Juda, mme a nna a bolella setjhaba kaofela sa Juda, a re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema e be qubu ya majwe, thaba ya ntlo e be thota ya moru.


Ke tla etsa Jerusalema diqubu tsa majwe, letsaba la diphokojwe, le metse ya Juda ke e etse lesupi le hlokang moahi.


Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.


Haele ka tseo le di tadimileng, ho ya tla matsatsi ao lejwe le sa tlo ka le leswa hodima lejwe le leng, le sa heletswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ