Yare re sa le nokeng ya Ahava, ka bolela tsatsi la ho itima dijo, re tle re ikokobetse pela Modimo wa rona, hore re ikopele ho wona leeto le letle la rona, le la bana ba rona, le la ntho tsohle tsa rona.
Ra tloha nokeng ya Ahava ka la leshome le metso e mmedi la kgwedi ya pele, re lebile Jerusalema. Letsoho la Modimo wa rona la nna la eba ho rona, mme wa re namolela matsohong a dira le ho ba re laletseng tseleng.
Ka re ho morena: Morena a ne a phele ka ho sa feleng! Na nka tlohela ho sosobana sefahleho jwang, haele mona motse wa mabitla a bontate o senyehile, mme mamati a wona a dutse a tjhele?
Moya wa ka o idibana kahare ho nna, ha ke hopola kamoo ke neng ke ya le setjhaba kateng, ke se eteletse pele ho ya ka tlung ya Modimo, hara dipina tsa nyakallo le difela tsa setjhaba se itlelang meketeng e phahameng.
Ithabiseng le Jerusalema, nyakallo ya lona e ke e tsoswe bakeng sa hae, lona kaofela ba mo ratang! Ithabeleng haholo le yena, lona kaofela ba nnileng ba mo llela;
Ha ke a ka ka itulela mokgatlong wa basomi ho ya ithabela teng; ka mpa ka dula ke nnotshi ka baka la letsoho la hao le ntshwereng, hobane o ntlatsitse ka hlonamo.
Utlwang lentswe la pokollo ya moradi wa setjhaba sa ka le tswang lefatsheng le hole: Na Jehova ha a sa le Sione? Na Morena wa hae ha a sa le ho yena na? Ba nkgalefisitse keng ka ditshwantsho tsa bona tse betlilweng, ka masawana a ditjhaba?
Ke ka tseo ke llang; leihlo la ka, leihlo la ka le tsholla meokgo, hobane motshedisi ya ka tsosang moya wa ka o hole le nna; bana ba ka ba hlomohile, hobane sera se hlotse.
Pelo tsa bona di howeletsa ho Morena ... Lerako la moradi wa Sione, tsholla meokgo motshehare le bosiu jwaloka hoja o le noka, o se ke wa phomola, thaka ya leihlo la hao e se ke ya lesa ho lla.
Eitse ka selemo sa mashome a mararo, ka kgwedi ya bone, ka tsatsi la bohlano la kgwedi, ha ke ne ke le hara ba isitsweng kgolehong nokeng ya Kebare, mahodimo a phetlwa, mme ka bona pono tse hlollang tsa Modimo.
Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.