21 A neela naha ya bona e be lefa: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.
21 A fana ka naha ya bona hore e be lefa; mohau wa hae ke wa kamehla yohle;
A ba fa mafatshe a dijhaba, ba inkela mesebetsi ya merabe;
naha ya bona a e neela e be lefa, lefa la Iseraele, setjhaba sa hae.
wa lelekisa matjhaba pela bona, wa ba arolela lefa la bona ka thapo, mme wa kenya meloko ya Iseraele ditenteng tsa yona.
Empa wena Iseraele, mohlanka wa ka, Jakobo, wena eo ke ikgethetseng yena, leloko la Abrahama, moratuwa wa ka,
Mohlang oo, ka le laela, ka re: Jehova, Modimo wa lona, o le neile naha eo, hore le e rue. Haele lona, banna bohle ba bahale, etellang banababo lona, bana ba Iseraele, pele, le hlometse.