Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 136:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A ba a haodisa setjhaba sa hae feelleng: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Ke yena ya ileng a tsamaisa setjhaba, a tsamaisa tjhaba sa hae lehwatateng; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 136:16
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa nna wa ba tsamaisa ka topallo ya leru motshehare, le ka topallo ya mollo bosiu, o tle o ba bonesetse tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.


ka baka la mehauhelo ya hao e mengata, ha o a ka wa ba lahlela feelleng; topallo ya leru ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba okamela motshehare ho ba tsamaisa ka tsela, le bosiu topallo ya mollo ha e a ka ya lesa ho ba bonesetsa tsela eo ba neng ba tshwanetse ho ya ka yona.


Wa tsamaisa setjhaba sa hao jwalokaha ho tsamaiswa dinku, ka letsoho la Moshe le la Aarone.


Empa Modimo wa tsamaisa setjhaba ka tsela e potolohang e lebileng lefeelleng la Lewatle le Lefubedu. Bana ba Iseraele ba tswa naheng ya Egepeta ba hlometse.


Yaba Moshe o tlosa Baiseraele Lewatleng le Lefubedu, ba tsamaela lefeelleng la Shure, ba tsamaya ka matsatsi a mararo feelleng, ba sa bone metsi.


Ha ba sa tla hlola ba lapa, leha e le ho nyorwa, ha ba sa tla bona diphalana tsa selemo leha e le ho batwa ke tjheso ya letsatsi, hobane ya ba hauhetseng ke yena ya tla ba tsamaisa, le ho ba isa metsing a kwellang.


le seo a se etseditseng lona, lefeelleng leo, ho isa nakong eo le fihlileng sebakeng sena ka yona;


ya o tsamaisitseng nahathothe eo e kgolo, e tshabehang, e nang le dinoha tse tjhesang le diphepheng, naha e omeletseng, e se nang metsi; Jehova, ya o ntsheditseng metsi lefikeng le thata,


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ