Bosiu boo ke bosiu bo kgethelwang Jehova, ka hoba a ba ntshitse lefatsheng la Egepeta ka bona; ke bona bosiu bo kgethelwang Jehova, bo tlang ho bolokwa ke bana ba Iseraele kaofela melokong ya bona.
Eitse hoba Faro a lokolle setjhaba, Modimo ha o a ka wa ba tsamaisa ka tsela ya naha ya Bafiliseta, leha e ne e le haufi; hobane Modimo wa na wa re: E se re mohlomong setjhaba sa kweneha ha se bona ntwa, mme sa boela Egepeta.
Moshe a re ho setjhaba: Elellwang letsatsi lena leo le tswileng ka lona Egepeta, tlung ya bohlanka, hobane Jehova o le ntshitse teng ka letsoho le matla; le se ke la ja se lomositsweng ka lona.
E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.