Le tla arolelana naha ka lotho, ka palo ya matlo a lona: ba leng bangata, le tla ba nea karolo e kgolo, mme ba seng bakae le tla ba nea karolo e nyenyane. E mong le e mong o tla rua seo a se abetsweng ke lotho, mme le tla se amohela, e be lefa la lona ka meloko ya bontata lona.
Joshua a hapa lefatshe lohle jwalo, a etsa ka tsohle tseo Jehova a neng a di boleletse Moshe, mme Joshua a le nea Iseraele hore ba le rue, ka methapo ya bona le ka meloko ya bona; mme lefatshe la phomola, ntwa e le siyo.
Ke ana marena a hlotsweng ke Joshua le bana ba Iseraele mose o kwano wa Jordane, nqa bophirimela, ho tloha Baale-Gade, sekgutlong sa Lebanone, ho isa thabeng e phollatsi e nyolosetsang Seire; fatshe leo Joshua a le nea meloko ya Baiseraele hore e be lefa la bona ka methapo ya bona;