Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 133:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ho jwaloka phoka ya Hermone, e theohelang dithabaneng tsa Sione, hobane ke moo Jehova a laeletseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Ho jwaloka phoka ya Heremone, e lalang hodima dithaba tsa Sione; ke moo Morena a faneng ka tlhohonolofatso ya hae teng, e leng bophelo, bophelo ba kamehla le mehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 133:3
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla ntsebisa tsela ya bophelo. Kgora ya thabo e teng pela hao, le dinyakallo tse sa feleng tsohong la hao le letona.


A nna a o kopa bophelo, mme wa mo fa jona, e le bophelo bo bolelele, bo tiileng, bo sa feleng.


Kganya ya hae e kgolo ka baka la thuso ya hao, o mo file bokgabane le boholo;


Leha ho le jwalo Jehova o tla ntshitsa motshehare ka mohau wa hae, mme bosiu thoko ya hae e tla ba molomong wa ka, ke rapele Modimo wa bophelo ba ka.


Kgalefo ya morena a jwaloka ho rora ha tau, empa lerato la hae le jwaloka phoka hodima jwang.


bonang, ke tla le hlohonolofatsa ka selemo sa botshelela, se tle se le hlahisetse dijo tse lekanang dilemo tse tharo.


Masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba tse ngata jwaloka phoka e tswang ho Jehova, jwaloka marothodi a hodima jwang, a sa lebelleng taelo ya motho, a seng molaong wa bana ba batho.


Empa e mong le e mong ya nwang metsi ao ke mo neang wona, a ke ke a hlola a nyorwa le ka mohla o le mong, mme metsi ao nna ke mo neang wona, e tla ba ka ho yena sediba sa metsi a phallelang bophelong bo sa feleng.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


mme ba tla tswa ho wona, ba entseng hantle ba tsohele bophelo, mme ba entseng hampe ba tsohele tsuo.


Yaba Simone Petrose o mo araba, a re: Morena, re ka ya ho mang? ke wena ya nang le mantswe a bophelo bo sa feleng.


hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, mohau le wona o buse jwaloka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Jehova o tla laela hlohonolofatso hore e be le wena medikong ya hao, le mererong yohle eo o tla kenya letsoho la hao ho yona; o tla o hlohonolofatsa lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o fang lona.


Ba nka naha ho tloha Aroere e lebopong la nokana ya Arnone, ho ya fihla thabeng ya Sione, e leng Hermone,


le Gileade, le naha ya Bageshure, le ya Bamaakathe, le thaba yohle ya Hermone, le Bashane kaofela, ho isa Salka;


Mme pallo eo a re baletseng yona, ke bophelo bo sa feleng.


Mme bopaki boo ke hoba Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo boo bo ho Mora wa wona.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ