Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 133:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho jwaloka ole e hlokwang, e tshelwang hloohong, e qhitsetsang ditedung, ditedung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong wa seaparo sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Ho jwaloka ole ya bohlokwa, ole e tlotsang hlooho, e keleketlelang ditedung, ditedung tsa Arone, e lepellelang molaleng wa seaparo sa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 133:2
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya lokileng a ke a nkotle, ke molemo; a ke a ntaye, ke ole hloohong ya ka; hlooho ya ka e ke ke ya e hana, hobane le jwale ke tla bea thapelo ya ka mohla a leng tsietsing.


Melekeng ya yona o tla etsa mohomo wa digaranata tsa purepera le sekarelata, le krimsone o e potolohang melekeng ya yona; dipakeng tsa tsona kahohle o etse diklokonyana tsa kgauta;


O tla nka ole ya setlolo, o e tshollele hloohong ya hae, mme o mo tlotse jwalo.


o di etse dibano tse monko o monate, ka mokgwa wa motswaki wa tse monko o monate, di be letswai, hape e be tse hlwekileng, tse kgethehileng.


Melekeng ya kobo, ha etswa mohomo wa digaranata tsa purepera, le sekarelata, le krimsone, e lohilweng.


Ole le tse nkgang hamonate di thabisa pelo, ho jwalo keletso e tswang pelong ya motswalle ya mosa.


Menkwane ya hao e nkga hamonate; lebitso la hao eka setlolo se qhatseditsweng; barwetsana ba o rata ke hona.


A tshollela hloohong ya Aarone ole ya tlolo, a mo tlotsa, a tle a kgethwe.


Yaba Maria o nka ponto ya setlolo sa nareda e hlwekileng e theko e thata, a tlotsa maoto a Jesu, mme a mo hlakola maoto ka moriri wa hae. Ntlo ya ya ba ya tlala monkgo wa setlolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ