Mme jwale, ema, Jehova Modimo! Tloo tulong tsa phomolo ya hao, e le wena le areka ya boholo ba hao! Jehova Modimo, baprista ba hao ba ke ba apeswe poloko, mme ba o ratang bohle ba thabele molemo wa hao.
Ke tla ithabela ho Jehova, moya wa ka o nyakalle ho Modimo wa ka, hobane o nkapesitse ka diaparo tsa poloko, o nkwahetse ka kobo ya ho loka, jwaloka monyadi ya kgabisitsweng ka moqhaka, le jwaloka monyaduwa ya itlhophisang ka mekgabo ya hae.
Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.
Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.
Oho Jehova! dira tsohle tsa hao ha di ke di timele jwalo! Haele ba o ratang, ba tla tshwana le letsatsi ha le tjhaba matleng a lona. Yaba lefatshe le phomola ka dilemo tse mashome a mane.