Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 132:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ke tla medisetsa Davida lenaka ho yona, ke lokisetse motlotsuwa wa ka lebone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 “Teng ke tla bea setloholo sa Davida, ke se bee hore e be kgosi e matla, ke lokisetse Motlotsuwa wa ka lebone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 132:17
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele mora hae, ke tla mo nea leloko le le leng, hore mohlanka wa ka, Davida, a nne a be le lebone le tukang kamehla pela ka Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona ho bea lebitso la ka ho wona.


Leha ho le jwalo, ka baka la Davida, Jehova, Modimo wa hae, a mo nea lebone le tukang Jerusalema, ka ho mo hlahlamisa mora hae, le ka ho tiisa Jerusalema.


Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa Juda, ka baka la Davida, mohlanka wa hae, jwalokaha a ne a mmoleletse, a re, o tla mo nea lebone la kamehla hara bara ba hae.


Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa ntlo ya Davida, ka baka la selekane seo a neng a se hlabile le Davida, le ka baka la seo a neng a se boletse, a re, o tla nne a mo nee, yena le bara ba hae, lebone ka ho sa feleng.


O emisitse lenaka la setjhaba sa hae, a tle a roriswe ke bakgethwa ba hae kaofela, e leng bana ba Iseraele, setjhaba seo a ikatameleditseng sona. Bokang Jehova!


ke tla bea seatla sa hae hodima lewatle, le letsoho le letona la hae hodima dinoka.


O emisa lenaka la ka jwaloka la nare, ke tlotsitswe ka ole e ntjha;


Mohlang oo, ke tla medisetsa ntlo ya Iseraele lenaka, mme wena, ke tla o nea molomo o ahlamileng hara bona, hore ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


O re tsoseditse lenaka la poloko tlung ya Davida, mohlanka wa hae;


Jehova o tla tshosa ba mo tsekisang, o tla ba dumisetsa a le lehodimong. Jehova o tla ahlola dipheletso tsa lefatshe; o tla nea morena wa hae matla, a emise lenaka la motlotsuwa wa hae!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ