Hape, nke ke ka haraswanya mmuso wohle; ke tla nea mora hao leloko le le leng ka baka la mohlanka wa ka, Davida, le la Jerusalema, motse oo ke ikgethetseng wona.
Etswe jwale ke kgethile, ke bile ke halaleditse ntlo ena, hore ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla, mme mahlo a ka le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.
Hara lona mang le mang eo e leng motho wa setjhaba sa hae, Modimo wa hae o ke o be le yena, mme a nyolohele Jerusalema naheng ya Juda, mme a hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa Iseraele; ke wona Modimo o leng Jerusalema.