Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 132:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ekare ha bara ba hao ba boloka selekane sa ka, le melao eo ke ba rutang yona, le bona bana ba bona ba tla nne ba dule teroneng ya hao kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ha bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka, ba latela ditemoso tseo ke ba neileng tsona, le bara ba bona ba tla dula teroneng, teroneng ya hao kamehla.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 132:12
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etlaba moo Jehova a tiisang taba ya hae eo a mpoleletseng yona, ha a re: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pela ka ka mokgwa wa nnete, ka pelo yohle, le ka moya wohle, ha ho ka ke ha hlokeha motho wa lesika la hao teroneng ya Iseraele.


Jwale, ke re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, kamoo o itseng ho yena kateng: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pontsheng ho nna jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.


ke tla tiisa terone ya mmuso wa hao ka ho ya ka selekane seo ke se tlabotseng le ntatao Davida, ka re ho yena: Ha o ka ke wa hloka motho ya busang Iseraele.


Bana ba bahlanka ba hao ba tla ikgahela fatsheng la bona, mme moloko wa bona o tla nne o be teng pela hao.


Haele nna, ke sona selekane seo ke se etsang le bona, ho bolela Jehova: Moya wa ka o dutseng ho wena, le ditaba tsa ka tseo ke di beileng molomong wa hao, ha di sa tla tloha molomong wa hao le melomong ya bana ba hao, le melomong ya bana ba bana ba hao, ho bolela Jehova jwale le ka ho sa feleng.


hore a hodise mmuso, le ho tlisa kgotso e sa feleng teroneng ya Davida le mmusong wa hae; o tla o tiisa, a o tshehetse ka toka, le ka ho loka, jwale le ka ho sa feleng. Tjheseho ya Jehova wa makgotla e tla etsa hoo.


Hobane ho itswe ke Jehova: Davida a ke ke a ba a hloka motho ya dulang teroneng ya ntlo ya Iseraele.


Empa erekaha e ne e le moporofeta, mme a tseba hobane Modimo o mmaletse ka kano hore Kreste, ka nama, o tla tswa mofuteng wa hae, a be a dule teroneng ya hae;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ