Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 130:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke itshepetse Jehova, moya wa ka o mo tshepile, ke itshepisa ka pallo ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Ke tshepile Morena, moya wa ka o tshepile lentswe la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 130:5
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O setshabelo sa ka le thebe ya ka; ke lebeletse pallo ya hao.


Ke tle ke tsebe ho fetola ya nkgobang, hobane ke itshepetse lentswe la hao.


ZAIN. O elellwe pallo ya hao ho mohlanka wa hao, eo ke tshepisitsweng ka yona!


Ba o tshabang, ha ba mpona, ba thaba, hobane ke tshepile pallo ya hao.


KAF. Moya wa ka o labalabela poloko ya hao; ke ntse ke lebeletse pallo ya hao.


O itshepele Jehova, o be matla, pelo ya hao e tiye! O itshepele Jehova.


Meya ya rona e itshepetse Jehova: ke yena thuso ya rona le thebe ya rona.


Ka na ka lebella Jehova ka ho tiya, a itshekamisetsa ho nna, a utlwa ho dumaela ha ka,


Moya wa ka, ke ho Modimo feela o ka bonang phomolo; hobane poloko ya ka e tswa ho wona.


Moya wa ka, o itshepele Modimo, hobane tshepo ya ka e tswa ho wona.


Jehova, re o lebeletse ke hona tseleng ya dikahlolo tsa hao; lebitso la hao le kgopotso ya hao ke tseo meya ya rona e di lakatsang.


Ka baka leo, Jehova o tla lebella ho le hauhela; ka baka leo, o tla ema ho le rekolohela, hobane Jehova ke Modimo o lokileng. Ho lehlohonolo ba mo tshepang kaofela!


Ke tshepile Jehova ya patetseng ntlo ya Jakobo sefahleho sa hae; ke beile tshepo ya ka ho yena.


Ho ne ho na le monna Jerusalema, ya bitswang Simeone; monna eo o ne a lokile, a hlonepha Modimo, a lebeletse tshediso ya Iseraele; mme Moya o Halalelang o ne o le ho yena.


Le yena a hlaha nakong yona eo, a boka Morena, mme a bolela tsa Jesu ho bohle ba lebeletseng topollo Jerusalema.


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ