Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 13:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 mme sera sa ka se se ke sa re: Ke mo hlotse! le hore ho thekesela ha ka ho se ke ha thabisa ba ntubang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Morena Modimo wa ka, tadima, o nkarabe hle; ako edise mahlo a ka, esere ka roballa ruri,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 13:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme jwale, Jehova, Modimo wa rona, o re hauhetse ka motsotso o seng mokae, hore a tle a re siele masala a seng makae, le ho re etsetsa setshabelo nqalong ya hae e kgethehileng, hore Modimo wa rona o boele o edise mahlo a rona le ho tsosa bophelo ba rona hanyenyane, kgolehong ya rona.


Pelong ya hae o re: Modimo o a lebala, o patile sefahleho sa wona, ha o tadime le ka mohla o le mong!


Hobane a ke ke a sisinngwa le ka mohla o le mong, ya lokileng o tla hopolwa ka ho sa yeng kae.


Modimo wa ka, ke beile tshepo ya ka ho wena; oho, ke se ke ka swaba! bao e leng dira ho nna ba tle ba se ke ba thaba ka nna!


O se ke wa lesa ba ikentseng dira ho nna ka bolotsana hore ba thabe ka nna, ba se ke ba nyekotsa ka mahlo ka ho ntlhoya feela!


Ba se ke ba re dipelong tsa bona: Hantle, ke kamoo re ratileng kateng; ba se ke ba re: Re mo kwentse!


Hobane ke itse: Ba se ke ba thaba ka nna! Ha leoto la ka le kgoptjwa, ba mphahamela ka boikakaso.


Jarisa Jehova phahlo tsa hao, mme o tla o tshehetsa; a ke ke a dumela hore ya lokileng a nne a sisinngwe.


Ruri, ke wona lefika la ka le thuso ya ka, qhobosheane ya ka e phahameng; nke ke ka sisinyeha.


Ke lefika la ka ruri le thuso ya ka; ke qhobosheane ya ka: nke ke ka sisinyeha.


Tsoha, Jehova, hore motho a se ke a ipha matla, ditjhaba di tle di ahlolwe pela hao.


Motho a ke ke a tiiswa ke bobe; haele motso wa ya lokileng, o ke ke wa ba wa sisinyeha.


Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


Ke ka tseo ke llang; leihlo la ka, leihlo la ka le tsholla meokgo, hobane motshedisi ya ka tsosang moya wa ka o hole le nna; bana ba ka ba hlomohile, hobane sera se hlotse.


Hobane Bakanana le bohle ba ahileng lefatsheng ba tla utlwa, ba tla re teela hare, hore ba hlakole lebitso la rona lefatsheng. Mme ha ho ka ba jwalo, o tla etsang ka lebitso la hao le leholo?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ