Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.
Tswela pele ka boupelli ba hao le ka bongata ba boloi ba hao, e leng dintho tseo o di sebeditseng esale botjheng ba hao; ekaba o tla fihlela thuso ho tsona, mohlomong o hlole ka tsona.
Ke buile le wena ho iketleng ha hao, mme wa nna wa re: Nke ke ka mamela. Ke mokgwa wa hao esale le botjheng ba hao, wa ho re ha o na ho mamela lentswe la ka.
Juda o ile kgolehong ka ho hlomodiswa le ka botubo bo boholo; o hara ditjhaba, a sa bone moo a ka phomolang teng; bahlorisi ba hae kaofela ba mo fihletse a le moo ho patisaneng.
Etlaba moo ke busetsang masimo a hae a morara ho yena, ke mo nee kgohlo ya Akore (moferefere) ho ba kgoro ya tshepo; teng o tla nkananela jwaloka mehleng ya botjha ba hae, jwaloka mohla a tswang lefatsheng la Egepeta.
Hohle moo ba neng ba futuhela teng, letsoho la Jehova le ne le ba lwantsha, jwalokaha Jehova a ne a boletse, le jwalokaha Jehova a ne a ba anetse; mme ba eba tsietsing e kgolo.
Yaba kgalefo ya Jehova e tukela Baiseraele, mme a ba rekisetsa matsohong a Kushane-Risheathaime, morena wa Mesopotamia, mme bana ba Iseraele ba ruwa ke Kushane-Risheathaime ka dilemo tse robileng meno e le mmedi.
Mehleng eo, ho ne ho sa fumanwe lelala naheng yohle ya Iseraele, hobane Bafilesta ba ne ba itse: Baheberu ba se ke ba iteela disabole leha e le marumo.