6 O tla bona le bana ba bana ba hao. Kgotso e be ho Iseraele!
6 O ke o bone bana ba bana ba hao. Kgotso e ke e be teng Iseraele.
Iseraele a re ho Josefa: Ke ne ke sa hopole hoba ke sa tla bona sefahleho sa hao, kanthe ke mona Modimo o bile o ntadimisitse le bana ba hao.
Josefa a bona bana ba Efraime ho isa ho ba leloko la boraro, mme bara ba Makire, mora Manasse, le bona ba tswallwa mangoleng a Josefa.
Kamora moo, Jobo a nna a phela dilemo tse lekgolo le nang le mashome a mane; mme a bona bara ba hae, le bara ba bara ba hae, ho isa molokong wa bone.
Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!
Ditloholo ke moqhaka wa maqheku, mme kganya ya bana ke batswadi ba bona.
Hobane Jehova o re: Bonang, ke tla phallisa kgotso ho yena jwaloka noka, kganya ya ditjhaba e mo phallele jwaloka molapo o kgaphatsehang; le tla anyeswa, le sikwe matsohong, le phaphathwe mangoleng.
ho senolela ka ho nna Mora wa wona, ke tle ke mmolele hara baditjhaba, ha ke a ka ka botsa nama, leha e le madi;