Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 128:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mosadi wa hao, kahare ho ntlo ya hao, o jwaloka morara o beang haholo; bara ba hao ba teela tafole ya hao hare, jwaloka mehlwaare e metjha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Mosadi wa hao o tla ba jwaloka morara, morara o behang ka tlung ya hao; bana ba hao ba be jwaloka mahlomela, mahlomela a mohlwaare ho potapota tafole ya hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 128:3
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Josefa ke lekala la sefata se behang, lekala la sefate se behang se pela sediba, seo makala a sona a nametseng hodima lerako.


Bara ba Ulame e ne e le bahale, le ba fulang ka seqha; ba eba le bana ba bangata le ditloholo, ba etsa lekgolo le nang le mashome a mahlano. Bao kaofela ke bara ba Benjamine.


Bonang, bara ke lefa la Jehova, mme tholwana ya popelo ya mosadi ke moputso.


Ho lehlohonolo motho eo kgohlopo ya hae e tletseng bona! A ke ke a swaba kgotla, mohla ho tsekwang ditaba le dira.


Ekare ha bara ba rona ba hola botjheng ba bona jwaloka dimela, mme baradi ba rona ba le jwaloka ditshiya tse dintlha tse kgabisitsweng ka mokgwa wa matlo a borena;


Empa nna, ke jwaloka mohlwaare o motala ka tlung ya Modimo; ke itshepetse mohau wa Modimo kamehla yohle.


Jehova o ne a o reile lebitso la mohlwaare o motala o motle, wa ditholwana tse ratehang. Ka modumo o moholo o o tukiseditse mollo, mme makala a wona a kgebotswe.


Mmao e ne e ka morara o hlomilweng pela metsi jwaloka wena; o ne o beha haholo, o bile o hlometse mahlomela a mangata ka baka la metsi a mangata;


Hobane ekare ha wena, ya nkilweng mohlwaareng oo e neng e le wa naheng ka hlaho, o kentswe mohlwaareng wa hae ka mokgwa oo e seng wa hlaho, na bao e leng ba hlaho, ba tla kenngwa hakakang mohlwaareng oo e leng wa bona!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ