Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 126:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova, kgutlisa batshwaruwa ba rona jwaloka melatswana naheng ya Borwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Morena, ako kgutlise ba habo rona, ba habo rona ba bothopuweng, ba kgutle sa melatswana e phallang, e phallelang Lehwatateng la Borwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 126:4
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Enere Jehova ha a kgutlisa batshwaruwa ba Sione, ho rona ho bile jwaloka toro.


O boele o re ahise, Modimo wa poloko ya rona, o fedise ho itshena ha hao bakeng sa rona.


Sehlotsa se tla tlola jwaloka kgama, leleme la semumu le tla bina, hobane metsi a tla kolla naheng e tshehla, melatswana e phalle mahalaopeng.


Ke tla hlahisa dinoka maralleng, didiba di phunyehe diphuleng; ke tla fetola naha e tshehla matsha, naha e omeletseng e tlale didiba tsa metsi.


Bonang, ke a hlahisa ditaba tse ntjha, di se di ya hlaha; na le ke ke la di tseba na? Ke tla phunya tsela naheng e tshehla, le dinoka naheng e omeletseng.


Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.


Hobane bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgutlisa ba kgolehong ba setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda, ho bolela Jehova, ke ba busetse lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ba tle ba le rue.


Bara ba Juda le bara ba Iseraele ba tla bokellwa hammoho, ba ipeele hlooho e le nngwe, ba kgutle lefatsheng la kgoleho; hobane le leholo tsatsi la Jisreele.


metsi a theohang, a tswang hodimo, a ema, mme a etsa qubu ho isa holehole, haufi le Adama, motse o pela Tsarthane, mme metsi a mathelang Lewatleng la Lehwatata, e leng Lewatle la Letswai, a kgaolwa ka mokgwa o phethehileng; mme setjhaba sa tshela mabapa le Jeriko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ