Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 126:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Enere Jehova ha a kgutlisa batshwaruwa ba Sione, ho rona ho bile jwaloka toro.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Ha Morena a kgutlisa batho ba Sione, a ba kgutlisa bothopuweng, e ne e ka re a lora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 126:1
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mme Jehova a ntsha Jobo ditlamong tsa hae, ha a se a rapeletse metswalle ya hae; mme Jehova a mo atisetsa habedi tseo a neng a ena le tsona pele.


Le hoja o ka araba mohoo wa ka, nka sitwa ho dumela hore o ka utlwa lentswe la ka;


Matswalong a ka ke phahamisetsa mehoo ya ka ho Jehova, mme o a nkaraba.


Ke lelaletsa mahlo a ka dithabeng; thuso ya ka e tla tswa kae?


Ka thaba ha ba itse ho nna: A re yeng ka tlung ya Jehova!


Ke phahamisetsa mahlo ho wena, ya dutseng mahodimong!


Hola e se be Jehova ya re lwanetseng, — Iseraele a ke a rialo! —


Ba itshepetseng Jehova ba jwaloka thaba ya Sione e ke keng ya sisinyeha, e tiileng ka ho sa feleng.


Hola poloko e ka tlela Iseraele, e etswa Sione! ... Mohla Jehova a kgutlisang setjhaba sa hae se holehilweng, Jakobo o tla thaba, Iseraele a nyakalle!


Hola poloko e ka tlela Iseraele, e etswa Sione! Mohla Modimo o kgutlisang setjhaba sa wona se holehilweng, Jakobo o tla thaba, Iseraele a nyakalle.


Jehova, o hlohonolofaditse naha ya hao, o kgutlisitse batshwaruwa ba Jakobo;


o tlositse makgopo a setjhaba sa hao, o apesitse dibe tsohle tsa sona. (Sela.)


Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.


le hona ke tla lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa Davida, mohlanka wa ka, ke se ke ka hlola ke nka baneng ba hae ya tla busa ditloholo tsa Abrahama le tsa Isaaka le tsa Jakobo; hobane ke tla busetsa ba kgolehong ba bona, ke ba hauhele.


Le wena Juda, o lokiseditswe kotulo, mohla ke lokollang setjhaba sa ka kgolehong ya sona.


Hobane matsatsing ao le mehleng eo, mohla ke kgutlisang Juda le Jerusalema kgolehong,


Bao, ha ba utlwa hore a boetse o a phela, le hore o bonwe ke yena, ha ba ka ba kgolwa.


Empa taba tsa basadi bao tsa eba jwaloka tshomo ho bona, mme ha ba ka ba dumela.


Mme kahobane ba ne ba sa belaela ka baka la ho thaba le ho makala, a re ho bona: Na mona le na le ntho e jewang na?


Yaba o tswa, a le latela. O ne a sa tsebe hobane se etswang ke lengeloi ke nnete; empa o ne a hloma eka o bona pono ya mohlolo.


Jehova, Modimo wa hao, o tla o kgutlisa kgolehong ya hao, mme o tla o hauhela, a boele a o bokelle ditjhabeng tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a o qhalanyeditseng hara tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ