Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 124:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 mehleng eo, metsi a ka be a re kgurumeditse, mme diphororo di ka be di fetile hodima meya ya rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 dikgohola di ka be di re hohotse, diphororo di ka be di re pupeditse;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 124:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

kapa na ha o bone lefifi le morwallo wa metsi a o apesang?


Nanabetsa matsoho a hao, o dutse phahameng, o ntopolle, o nnyolle metsing a maholo, o nntshe letsohong la bana ba baditjhaba,


Ditlamo tsa lefu di na be di nkopetse hare, diphororo tsa tshenyo di ne di ntshositse.


Marapo a lebitla a ne a ntikile, ke ne ke tshwasitswe mameneng a lefu.


Ka baka leo, mokgethehi e mong le e mong a ke a o rapele ka nako eo o ka bonwang ka yona; dikgoholeng tsa metsi a maholo, merwallo e ke ke ya mo atamela.


Bodiba bo arabelana le bodiba bo bong modumong wa phororo tsa hao; merwallo ya hao kaofela le maqhubu a hao wohle a fetile hodima ka.


Leha ho le jwalo Jehova o tla ntshitsa motshehare ka mohau wa hae, mme bosiu thoko ya hae e tla ba molomong wa ka, ke rapele Modimo wa bophelo ba ka.


ke se ke ka imelwa ke maqhubu a wona, ke se ke ka hohlometswa ke bodiba, lebitla le se ke la kopetsa molomo wa lona hodima ka.


Ke tetebetse mokoting wa diretse, seretse se nyebella tlasa maoto a ka; ke tetebetse metsing a bodiba; maqhubu a wona a nkimela.


Bonang, Morena o ya roma sera se matla, se sa sitweng ke letho, se jwaloka sefefo sa difako, le jwaloka setsokotsane se senyang hohle, le jwaloka morwallo wa metsi a maholo a tlalang hohle; o tla dihela moqhaka oo fatshe ka matla.


Ke moo ba tlang ho tshaba lebitso la Jehova bophirimela, le kganya ya hae botjhabela; etlare ha dira di etla jwaloka noka, moya wa Jehova o tla di qhalanya.


Kamora diveke tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi motlotsuwa o tla tloswa, ho se motho ya mo emelang; motse o tla senyeha le sehalalelo ke makgotla a morena e mong ya tla tla; bofelo ba wona e tla ba morwallo, mme dintwa di tla ba teng ho isa qetellong; ditshenyo tseo di se di laotswe.


Yaba lengeloi le leng la a supileng a tshwereng dinkgo tse supileng, le tla ho nna, la re: Tloo, ke o bontshe kahlolo ya seotswa se seholo, se dutseng hodima metsi a mangata;


Yaba lengeloi le re ho nna: Metsi ao o a boneng, ao seotswa se dutseng ho wona, ke merabe, le matshwele, le ditjhaba, le dipuo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ