Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 124:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 ba ka be ba re hohlomeditse re ntse re utlwa, mohla bohlanya ba bona bo re tukelang;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 ba ka be ba re kwentse re ntse re phela, ha kgalefo ya bona e ne e re tloketse;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 124:3
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A mpa a nyonya ho isa letsoho ho Mordekai a nnotshi, kahobane a ne a boleleletswe mofuta wa Mordekai; ka baka leo, Hamane a batla kamoo a ka fedisang mofuta wa Mordekai kateng, e leng Bajuda ba mmusong wohle wa Assueruse.


Ba bolotsana, bao e leng dira ho nna, le bahanyetsi ba ka, ha ba tswela ho nna ho ja nama ya ka, ba kgoptjwa, ba wa.


Ba se ke ba re dipelong tsa bona: Hantle, ke kamoo re ratileng kateng; ba se ke ba re: Re mo kwentse!


O ya romela, o le mahodimong, ho tla mpoloka, ha ba mpefeletsweng ba nnyedisa. (Sela.) Modimo o tla romela mohau wa wona le nnete ya wona.


Ba itse dipelong tsa bona: A re keng re ba senye kaofela hammoho! Ba tjhesitse naheng ena nqalo tsohle tsa Modimo moo ho phuthehelwang teng.


Kgalefo ya motho e tla o fetohela thoriso; ka kgalefo e setseng ho wena o tla itlama letheka.


Ba re: Tloong, re ba fedise hara ditjhaba, lebitso la Iseraele le se ke la hlola le bolelwa!


Ba botsana ba le pelo e le nngwe, ba etsa selekane ho o lwantsha:


re ba metse jwaloka nqalo ya bafu, ba sa utlwa; kaofela ha bona ba be jwaloka bao ba hohlomelang mokoting;


Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.


Yaba Nebukadnesare o tlala bohale, sefahleho sa hae sa hlwenyetsa Shadrake, le Meshake, le Abede-Nego, a laela hore ho beswe sebopi hasupa ho fetisa kamoo ba neng ba se besa kateng mehla.


Yaba Jehova o romela hlapi e kgolo ho metsa Jonase, Jonase a ba a dula mpeng ya hlapi matsatsi a mararo le masiu a mararo.


Jwale, Heroda ha a bona hobane o phomilwe ke ba bohlale, a halefa haholo; a romela ho bolaya bana bohle ba Bethlehema le ba naha yohle ya teng, ba lemo tse pedi le ba ba hlahlamang, a lekanya ka nako eo a e botsisisitseng ba bohlale.


a kopa mangolo ho yena a ngollwang masinagoge a Damaseka, hore etlere ha a ka fumana ba bang ba thuto eo, leha e le banna, kapa basadi, a ba tlame, a ba tlise Jerusalema.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ