Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Dipesaleme 123:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 moya wa rona o se o kgotshe ditshomo tsa baikakasi le dinyediso tsa baikgohomosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

4 Re sonngwe ho feta tekanyo, ra songwa ke ba iketlang, re nyedisitswe ke ba ikgantshang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Dipesaleme 123:4
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha Sanballate Mohorone, le Tobia mohlanka wa Moammone, le Gesheme Moarabe, ba utlwa taba tseo, ba soma ka rona, ba re nyedisa, ba re: Keng, hoo le ho etsang? Hleka le rata ho ikgantshetsa morena na?


Bomadimabe bo loketswe ke nyediso, ha ho hopola baiketli; o lebeletse eo leoto la hae le batlang ho thella.


Le nna, ke ne nka bua jwaloka lona, hoja le dutse ditulong tsa ka; nka be ke loha ditaba hodima lona, ka oma ka hlooho ho lona;


Baikakasi ba tsheha ka nna haholoholo, empa ha ke kgelohe molao wa hao.


Tsohang, baiketli! Thothomelang, baitshepi! Lahlang dikobo tsa lona, le hlobole, le itlame matheka ka lesela le mahwashe!


Tsohang, lona basadi ba iketlang, le utlwe lentswe la ka! Lona baradi ba itshepang, le mamele dipolelo tsa ka!


Moabe o nnile a iketla esale le botjheng ba hae, a nna a itulela ditshifeng tsa hae, ha a ka a tshollelwa pitseng e nngwe ka pitseng e nngwe, ha a ka a ya kgolehong; ka baka leo, ho nkga ha hae ho nnile ha eba teng ho yena, monko wa hae ha o a ka wa fetoha.


Na ha o a ka wa etsa Iseraele sesomo sa hao na? Na o ne a tshwerwe boshodung, haele mona o ne o sisinya hlooho ka yena, ha o bolela tsa hae na?


Re utlwile boikgohomoso ba Moabe, moikgohomosi e moholo, le boikgantsho ba hae, le boikakaso ba hae, le boithoriso ba hae, le ho phahama ha pelo ya hae.


Ho madimabe lona ba iketlileng Sione, le lona ba tshepileng thaba ya Samaria, lona dihlooho tsa setjhaba se kapele ho tse ding, lona bao ba ntlo ya Iseraele ba ikisang ho lona.


Jwale, haele Baathene kaofela, le basele ba ahileng teng, ba ne ba sa etse letho, haese ho bolela, kapa ho utlwa, ditaba tse hlahang.


Yare ha ba utlwa taba ya tsoho ya bafu, ba bang ba soma, ba bang ba re: Re sa tla boela re o utlwe hape hodima taba eo.


A re a sa ikarabela ka taba tseo, Festuse a phahamisa lentswe, a re ho yena: O a hlanya, Pauluse, tsebo e kgolo ya hao e o fetohetse bohlanya.


Leha re nyefolwa, re a rapela; re entswe dithole tsa lefatshe, le dilahlwa tsa bohle, ho fihlela jwale.


Eitse Mofilesta, ha a tadima, a bona Davida, a mo nyedisa hobane e le mohlankana feela e mokhunwana, ya fahleho se setle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ